Bafokeng ke batho ba kgotso, batho ba anang mmutla batho baha phoka, ba ana phofolo e bohlale, e maqiti ho feta di phofolo tse kgolo tse matla, bo tau, nkwe, phiri, tlou le tse ding tse ngata. Mmutla o ne o rata le ho di qhekanyetsa. Ha bat la bitswa Phoka tjena ke hane ba hahlaula le naha ba batla tjako, tseleng hwa fihla tlala ba qetella baja jwang bo mona bo bitswang phoka, ke ha ho tla thuwa ke di phoka. Bafokeng ba arohane ka mefuta e mengata, ho nale bafokeng baha Tshele lekotwana, bah Mabula mokomane, baha maotwana finyela, baha dijana le babang ba ba ngata.
Bafokeng mokgwa bona ke batho ba bonolo ho fitisisa hase batho bantwa, moo Bafokeng baling teng ho qoqwa ditshomo, metlae mee ho bapalwa dipapadi tsa mefuta ho a nyakallwa. Ha ba felletse Bafokeng ba ka ba dikete tse makgolo a mararo naha ka bophara, na o ne o tseba hore Kwazulu Natal ho nale morena Mofokeng, enwa ke morena ya hlwahlwa o nale lebotho lahae le ba molatelang mme o etella morabe wa mazulu pele, Bafokeng ba phahlalletse naha yohle, bongata ba hlaha Lesotho ka baka la tlala ba ile ba qhalana ho ya batla tjako. Ba bang ba Bafokeng ba ballwang ho dikete tse lekgolo le mashome a tsheletseng ba naheng ya North West Rasternburg moo ba ileng ba amohelwa ka diatla tse mofuthu mme ba reka lefatshe le ruileng ka platinum, mme di company tsa di maene di batala morabe wa Bafokeng tjhelete e itseng bakeng sa ho rafa platinum moo, Morena wa Bafokeng ke morena Leruo Molotlehi.
Mofokeng wa Tshele Lekotwana
Mofokeng wa ha mma tshele lekotwana, mmulana motlatla, phirimane la manqeshe mosokoso, motjo wa ha tshele ya jang tsebe tsa mmutla dile tala, ya tshelang noka e tletse, lengwe ngwe ke lang ha thsele, ke leo le tla le bebenyetsa di tetswana.
Mofokeng wa Mabula Mokomane
Mofokeng wa ha mabula'mosoeu'mapapa'mokom ane,motho wa mare aphole.rarollang baha mare dithapong,le ba tlamelang ka molato wa hlooho ya pudi..ha e be ene e le ya kgomo re ka be re e lefa..Ya kgaola yaya..sekwele...
Mofokeng wa Mahoana Lehoana
Mofokeng wa mahoana, lehoana la bo-tlalane. Mahoana eka dikepolana, eka dinku di nyoloha mokgwabona. Motho wa mahase, o a hasa rampeoane. A hasa dikgomo, a hasa le batho, a qetella ka dipudumu naheng..!
Bafokeng ka ofela ba behe diboko tsa bona le dithoko tsa bona mona, hore batjha batle ba tsebe setso sa bona, lehore ba seke ba lahleha, hore ba tsebe moo bayang ba tlamehile ho tseba moo ba yang, ha reyeng Bafokeng!!!
ReplyDeleteRea leboha weso
DeleteNna ke Phoka ke lehoana labo Tlalane
Keja mmutlwa ole tala hakeo bolae ke oja ditsebe fela
Ke nto
Nna ke Mofokeng wa ha mahlatsi ba ba jaalo ka dinaledi, ba ba kaalo ka jwang ba tshaane molelengoane.
DeleteKe mofokeng ke ja mmutlwa o le motala ha keo bolaya ke o ja ditsebe.....
DeleteKe kopa thuso hoya pele tuu
Kelebohela lesedi, ketseba fela hore kewaha Mofokeng empa haketsebe nalane batho babaholo habasaleyo empa hobala haka mona honthusitse haholo
ReplyDeleteAnything ka Bafokeng basic Kholokoane... Can't get any been browsing and browsing🤔
ReplyDeleteMy surname is Phadime but my grand dad used to be addressed as Ntate Mofokeng. Can anyone help me understand the relationship between the two surnames please.
ReplyDeleteKe kopa motho a nthusang ka Bafokeng ba sefalu
ReplyDeleteBafokeng ba Sefali sa Kutoane wa tshefa dimali ya kata sefiri wa maManti wa maja hosa thewa meriti ya diotlwana
DeleteSefali
Kutoane
Kgulokoane
Manti
Tsiu
Kata
There are various versions of lithoko tsena tsa Bafokeng. please share more I am trying to locate mine. its mot exactly as the ones shared here but I can't remember it in full.
ReplyDeleteGive us the clue as to what you remember about your seboko or Thaiki ya halona
DeleteNna ke mofokeng oa ha 'mamare, ke kopa thusk ka ho Se Roka
DeleteMine is Metsing,mine is not there,but heard it starts like this"mofokeng wa ntomane le mahlaku nanaisane ka sehlabeng.I do not know once it prolongs.
ReplyDeletecan anyone help me ka bafokeng ba Moleleki
ReplyDeleteBafokeng baha mahooana, lehooana la botlalane ke bomoleleki fane!
DeleteHona re ka fumana kae dibuka tse buang ka nalane le diboko tsa Basotho ba moshoeshoe feela.
ReplyDeleteKe nakana hore re ka thusahala le ka ho ipalla tsona. Ke leboha haholo Basotho ba battle.
Can any one help ka bafokeng ba dijana mamahlelehle dipoko being Google no clue
ReplyDeleteNna ke tseba se reng: Ke Mofokeng wa dijana mahlelehlele pudumo ya hlaba e hlahise ntjana tse roloana beng ba dintja ba sala ba lla ba iphumula dikeledi . Kgomo ha e fete motse wa dijana e o feta batho ba ile maiming. Bafokeng ba hlahile pele ho batho ba MPa ba siuwa ke mahlasedi. Mahlasedi maaparela thanks. Ke batho ba mohlamu o mofubedu o reng there.
DeleteBafokeng Batho Baha Hlahane maila a ngwatheloa difiribikona tsa rakubatsi
ReplyDeleteKe kopa thuso ka seboko sa Bafokeng ba ha Hlahane
DeleteBafokeng ba Ditabe
ReplyDeleteNna ke kopa thuso kahothola Bafokeng ba ha Magutle Nkoloana. Bare etibile ka sefubeng yaiketsa ya hlabanela barena. Dira ha magutle hadiye, Oka nka ejwang ongka ongkela kae matebeleng. Ke Tsela kgomo TSA ntate dilo Jewa ka thipa ya sekate ha mmae mmakobo di magasa.
ReplyDeleteKe kopa ya tsebang ho boka seboko s Dijana wa Mare antsikwe
ReplyDeleteThis comment has been removed by the author.
DeleteKe Mofokeng wa Dijana, wa Mare a Ntsikwe, ke molemane molema tsela, molema thithe ka mmoho asa e qete, le moraretseng ka morararane wa podi, ha ene ele wa kgomo onatla oja a o qete!!!!
DeleteKe Mofokeng motho wa Dijana, motho wa mare a ntsikwe rarollang ba mare dithapong molato ke Wang o jang hloho ya motho haele wa hloho ya kgomo Leo bolele reo lefe kapa reo patale ke batho ba Morare o mosweu o lebone.
DeleteMofokeng wa matla
ReplyDeleteKe tseba hore ke mofokeng wa ha tshele lekotoana motho wa hoja mmutla olemotala are qaqa ditsebe olese otsamaye,any help hoya pele hle Bafokeng
ReplyDeleteKhotso nna ke tseba,"KE MOFOKENG OA TS'ELE LEKOTOANE MOTHO OA 'MULANE MOTLATLA
DeleteLEKOEKOE KE LANG HA TS'ELE?
KE HA HO SUOA KOBO, MARAPO A ROALOA MAOTONG LE MATSOHONG KE BANNA LE BASADI...
HO ITSOE SHOIII!!! SHOIII!!!
HO UOE KAE?
HO UOE HA MMAKEPILE LETSEMENG,
LEBUDI LE HLAHA KAE?
LEHLAHA MOTJ'ENG
BATHO BA BOLI LE BOKOPA LESATSOA TS'ELA LETLA LE BEBENYA LITETSOANA;
BONA NA HOJA 'MUTLA OLE TALA, B.S. OJA LE DITSEBE, HA ESALE BA TS'ELE E SE E LE BA HA TS'EANA
LESEDI"
Ke kopa le nthuse ka seboko sa Bafokeng ba ha Molokoane hle.
ReplyDeleteKekopa Thuso ka seboko sa Mamphane
ReplyDeletenna ke mofokeng wa maotoana finyela feela Saka hase hlahe mona oka thusa moo
ReplyDeleteLe nna Ke kopa thuso ka sona sena Ke hola bare Nkopane Wa maotoana finyela wa dikgopo dinthithi
DeleteKe thelle jwang kele Mofokeng, Ke Mofokeng wa ha patsa,nwgana motwana finyela kgomo ha e tswale motsheyare banana ba e shebile e kaba e ya hlola me lemphane ngwana mmamohlamu o mfubedu maotwana a kale ka dinaledi
DeleteKe bafokeng baha kholokoane ya lekatsa la makgabane ba ipokoloka ba ipeha kgorong bare jang jang ka pele mantsi ke ao
ReplyDeleteHela phoka ke tseba hanyane fla mona ke mofokeng wa ha kgolokwane wa kgomo ya kekatsa la makgabane ba ipokoloka ba ipeha kgorong bare jang jang ka pele mantsi ke ao
DeleteAna le ka thusa ka Bafokeng ba ha koloti, ke tseba se qala tjena, Koloti ya tona ya ha ramodiana se etele none pele, ngwana semonoko senwa mafura.
ReplyDeletePhapang ekae ho bafokeng ba mahase leba mahoana
ReplyDeleteWeso ho hlakile hore re Mahoana a boTlane re boMahase ...
DeleteKe kopa thuso ho fumana seboko sa bafokeng ba maphudungoana phahla
ReplyDeleteNna Modiamme Boitumelo Motse ke mofokeng wa ga Motlatla ke letodi legwana letsholo ke motho wa ga Mphalanyane ga ke ja ga ke tadimane ke legadimana ntweng...Rremogolo wa me o ne a nthutile ga kana...aya tswella ke kopa go thusiwa ho feta fa...
ReplyDeleteDumela ngwaso, nna ke Mpho Mokoena, setlholo sa Matlabe,bo Tshidi,Ramorwa, Rannaka, Popota, Mothenetsi le ba bang.
DeleteKe Mofokeng wa ga Motlatla letodi Magana letsholo ga ke ja ga ke gadimane ke gadimana ntweng
Bafokeng ke bao
This is the little I know :
DeleteKe Mofokeng ke Letodi, ke motho wa Mamphalanyane Motlatla ke Letodi le gana letsholo, ga baja ga ba gadimane, ke magadimana ntweng.
Ke Mmagabia sello salla teng teng saba salla paragatlaneng tsa majwe.
Mofokeng wa ga Maphalanyane Motlatla, letodi le gana letsholo, ga baja ga ba gadimane ba gadimana ntweng. (Sesele family from Kroonstad)
DeleteLe nna ke kopa thuso ka seboko sa Nkopane Wa maotwana finyela
ReplyDeleteKe kopa tlhalosetso ka Mahooana a bo Tlalane...
ReplyDeleteSeboko sa BAFOKENG BA HA TSHELE se lobokane (complicated) ebile ha sea fella
ReplyDeleteKe kopa Sa bafokeng ba lemphane
ReplyDeleteCan anyone help me ka Bafokeng ba sefane Maisa ba wela mokae bona?
ReplyDeleteKe kopa thuso ka seboko sa bafokeng ba ha koloti,ka kopo hlena
ReplyDeleteKe Mofokeng wa ha Mmaphalanyane,Motlatla,matodi magana letsholo.Ha ba ja ha ba gadimane ba gadimana ntweng.Tsatsi la dikela motsheare wa mantsiboya,sa tsobokana Sefokeng sa re:boe-boe!Ba re:Rapela Ramadille!Ke wena o hlolang o ile tlung e tshweu ela o nts'o re,nde-nde.A re:Modimo wa bo-rare,Modimo wa bo-Gaborone,re tjhabisetse letsatsi.La re:Tjapha!Ba re:Kgutsa!Hela o a itse!
ReplyDeleteDumela Phoka, nneso.
DeleteSa mma🙌🙌🙌
DeleteGuys any one that can help with seboko sa mofokeng wa kholokoane pls pls
ReplyDeleteLe nna kekopa thuso ka seboko sa bafokeng ba kgolokoane pls pls
ReplyDeleteBafokeng ba Ntsonatsatsi migrated to the Eastern Cape and they are known as Amavundle .We are the descendants of Lesani . Our clams have been translated to isixhosa singo Mvundle oBhayi oKhetshe .
ReplyDeleteDumelang ba heso ke kopa Thuso ka seboko le dithoko tsa Bafokeng ba Maliehe/Madiehe
ReplyDeleteNna Ke Mofokeng wa Mare, Ke mofokeng wa Mma are tshekadilemela motho wa habo morongwe Le morongwenyane rarollang baha mare dithapong Le a rare Tseng Ka molato wa hloho haene ele wa kgomo ekabe ele kgale Ono o bolawe
ReplyDeleteLenna ke kopa thusa ka seboko sa Bafokeng ba Morareli. Hake sebone le nalaneng.
ReplyDeleteSefane sa heso ke Thekoane, ke Mofokeng but I don’t know which clan praises to use. Ntate wa ka who used to know this is no more. If anyone can help please.
ReplyDeleteDumelang Nna ke mofokeng wa ga mphalanyane motlatla matodi mahana letsholo ha baja ha ba gadimane ba gadimana ntweng...would like to know where do all originate from...?
ReplyDeleteNna ke mofokeng wa mabula dihoja ke tloka more information hlee
ReplyDeleteKe Mofokeng wa Mahwana,
ReplyDeleteWa bo-Tlalane,
Seja Mmutla o le tala,
Ke o phoraphora ditsejana.
Ba ha Mahase ke dikepolana,
Ekare dinku di nyoloha mokgwabong
Ba hasa dinku ba hase le batho,
Ba qetelle ka diphoofolo naheng
Kgabele, Kgabele mora Sedikane,
Kgabele batho ha ba kgabelwe ha se diphoofolo.
Ke hlaka la ha Nthete wa Ramonaheng,
Hlaka la Nthete ha le tuke,
Le tshwana le phoka, phoka ha e tjhe!
Nna Mosheshe ke Mofokeng Mokgoele. Ke ana Mmutlanyana. Ke motho wa Kata wa Makata a Sefiri Motitima Mabiitleng. Fokoletsang Bakgoele dipoloko ho bane ha ba ka ata batla leqeta. BAKGOELE.
ReplyDeleteKekopa le nthuse ka dithoko tse felletseng tsa ba Kgoele.
I want to share with anyone here looking for a loan for a business or personal loan to contact Mr Pedro on pedroloanss@gmail.com because Mr Pedro and his loan company is all I trust when it's comes to financial situation solution so I'm recommending anyone looking for financial assistance to contact Mr Pedro with a loan 2% rate annual return, Now? You see why I will choose Pedro with his loan company 100% genuine finance.
ReplyDeleteKe mofokeng wa muloane motlatla ke kopa thuso ka ho rokella
ReplyDeleteKopa ho rokeloa ka bafokeng ha lemphane
ReplyDeleteKopa thuso ka boko sa mofokeng wa maotoana finyela
ReplyDeleteKe kopa thuso ka seboko sa Bafokeng baha Shomang kampo Sibi
ReplyDeleteKe kopa thuso ka boko sa Mofokeng wa Sekete.
ReplyDelete