Monday, October 25, 2010

Diphoka













Bafokeng ke batho ba kgotso, batho ba anang mmutla batho baha phoka, ba ana phofolo e bohlale, e maqiti ho feta di phofolo tse kgolo tse matla, bo tau, nkwe, phiri, tlou le tse ding tse ngata. Mmutla o ne o rata le ho di qhekanyetsa. Ha bat la bitswa Phoka tjena ke hane ba hahlaula le naha ba batla tjako, tseleng hwa fihla tlala ba qetella baja jwang bo mona bo bitswang phoka, ke ha ho tla thuwa ke di phoka. Bafokeng ba arohane ka mefuta e mengata, ho nale bafokeng baha Tshele lekotwana, bah Mabula mokomane, baha maotwana finyela, baha dijana le babang ba ba ngata.

Bafokeng mokgwa bona ke batho ba bonolo ho fitisisa hase batho bantwa, moo Bafokeng baling teng ho qoqwa ditshomo, metlae mee ho bapalwa dipapadi tsa mefuta ho a nyakallwa. Ha ba felletse Bafokeng ba ka ba dikete tse makgolo a mararo naha ka bophara, na o ne o tseba hore Kwazulu Natal ho nale morena Mofokeng, enwa ke morena ya hlwahlwa o nale lebotho lahae le ba molatelang mme o etella morabe wa mazulu pele, Bafokeng ba phahlalletse naha yohle, bongata ba hlaha Lesotho ka baka la tlala ba ile ba qhalana ho ya batla tjako. Ba bang ba Bafokeng ba ballwang ho dikete tse lekgolo le mashome a tsheletseng ba naheng ya North West Rasternburg moo ba ileng ba amohelwa ka diatla tse mofuthu mme ba reka lefatshe le ruileng ka platinum, mme di company tsa di maene di batala morabe wa Bafokeng tjhelete e itseng bakeng sa ho rafa platinum moo, Morena wa Bafokeng ke morena Leruo Molotlehi.


Mofokeng wa Tshele Lekotwana

Mofokeng wa ha mma tshele lekotwana, mmulana motlatla, phirimane la manqeshe mosokoso, motjo wa ha tshele ya jang tsebe tsa mmutla dile tala, ya tshelang noka e tletse,  lengwe ngwe ke lang ha thsele, ke leo le tla le bebenyetsa di tetswana.

Mofokeng wa Mabula Mokomane

 Mofokeng wa ha mabula'mosoeu'mapapa'mokomane,motho wa mare aphole.rarollang baha mare dithapong,le ba tlamelang ka molato wa hlooho ya pudi..ha e be ene e le ya kgomo re ka be re e lefa..Ya kgaola yaya..sekwele...

Mofokeng wa Mahoana Lehoana


 Mofokeng wa mahoana, lehoana la bo-tlalane. Mahoana eka dikepolana, eka dinku di nyoloha mokgwabona. Motho wa mahase, o a hasa rampeoane. A hasa dikgomo, a hasa le batho, a qetella ka dipudumu naheng..!